Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ua hlaha, o Jesu

13.8.13.8.

1 Ua hlaha, o Jesu, ntsoe la hao le bolela
Lemo se setle sa khotso;
O buisa uena, mo utloe, pelo ea ka!
O re, ke 'Moloki oa hao. {bis)

2 Ka lentsoe o phekola mafu a bakuli,
Tlamo tsa bafo li khaotsoe;
Mahlong a foufetseng o chabisa leseli
Le tla elisa lefatše. {bis)

3 Morena, a ke b'e mongo a bao u ba okang!
Ke motho, ke tletse libe;
U tlela ba joalo, e seng ba hlalefileng;
Tlo, Jesu, ke u batlile. (bis)

4 Iseraele, khale ha a tla bona thuso,
A talima noha feelleng;
Pelo e rapelang ha e talima Jesu,
Ke ho phela ho sa feleng. {bis)

5 U nthute, Morena, chalimo eo ea tšepo,
Ho lumele pelo ea ka;
Ke lumetse, empa ho fokotse tumelo;
Thusa ho tletleba ha ka!

Leave a Reply

Ua hlaha, o Jesu