12.10.12.10.
1 Nahathotheng, moo ke ntseng ke lelera,
Ke hopotse motseng oa tokiso;
Ha ke tšabe tšoenyo le ho khathala,
Hona lefa la ka le nkemetse. {bis)
2 Montopolli, uena, tšepo ea batho,
U ntjarise phahlo tse nkimelang;
Motšehare, u nketsetse lesoiti;
Bosiu, lala u mponeselitse!
3 Hosasa, letsoho la hao, Morena,
Le ke 'ne le mphepe ka bohobe;
Mantsiboea u ntlose pelaelo,
U nthobatse roko bo monate!
4 Lefika la ka, metsi a khauhelo
A koelle ho uena, a nkholise;
Matla a moea a 'ne a nkhothatse,
Pelo ea ka e se ke ea seba! {bis)
5 Ha ke longoa ke noha ea Satane,
Ke bolaoa ke lefu la libe,
Ke lelatse mahlo a ka a matšo
Sefapanong, ke bone pholiso!{bis)
6 Mohla ho tlang qetello ea leeto,
Ke bonelang phomolo haufi,
Areka ea selekane sa hao
E mpoloke, Jordane e tletse!
7 Jo, fatše la heso, fatše la pallo!
Pelo e u lumelisa hole;
Ke pheela ke ntse ke hlolohetsoe,
Ho fihlela ke be ke u kena.