Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (1 rating, 1 votes)
Loading...

Jehova Molimo, ke ngosa khauhelo

13.12.13.12.

1 Jehova, Molimo, ke ngosa khauhelo,
Ke se na tokelo khalalelong ea hao;
Se ntoketseng fela ke lefu le ho tsuoa,
Mahlong a hloekileng a mponang litšila.

2 Thapelo u tloa ea motho ea lokileng;
Anthe ea lokileng ke uena u 'notši,
Uena eo Mor'a hao a jereng sebe sa ka.
'Me kajeno a emetseng ho nthapella.

3 Ke 'na ea molato, o shoele bakeng sa ka,
A shoa a ntopolla lefung le sa feleng,
Ke re, ke hlatsuoe maling a sefapano,
Ke isoe ke Moea tseleng tseleng ea poloko.

4 Ke re, ke chabeloe ke tsatsi la ho loka.
Ho ele, ho hloeke, pelong ena ea ka;
Tsohle tse ka ho 'na li tlotlishe Morena,
Ke fumane khotso, tholo, le phomolo.

Leave a Reply

Jehova Molimo, ke ngosa khauhelo