Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (9 rating, 2 votes)
Loading...

U halalehile

12.12.12.10.

1 U halalehile, Molim'o moholo!
Ha ho ea tšwanang le uena ka khalalelo,
U halalehile, hape u lerato:
U lokile, hape u mohau.

2 U halalehile! Bohle ba ho hlompha.
Lirafime le likerubime tsohle
Li itehela pel'a maoto a hao,
Li ikhurumetsa lifahleho.

3 U halalehile! Ka har'a lefifi,
U ipata mahlong a baetsalibe;
Ba sitoa ho boha khalalelo ea hao
Ea u bonang a ke ke a phela.

4 U halalehile, Molom'o moholo!
U matla 'ohle, u na le tsebo eohle.
U halalehile, Molim'o mohau!
U Molimo o bokoang hararo

Leave a Reply

U halalehile