Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ho Jesu ke beile

7.6.7.6.D.

1. Ho Jesu ke beile
Libe tsa ka tsohle;
Ere ka ha a nchoetse
Thohakong o 'ntšitse.
Ke beile melato,
O ntefetse eona;
Mali a hae a mphile
Bosoeu ba lehloa.

2. Jesu ke mo tšepile
Bofutsaneng ba ka;
Tsohle li teng ho eena,
O 'neile tsona.
O tseba ho phekola
Le maloetse a ka,
Matla a hae a ntlatsa
Mefokolong ea ka.

3. Ho Jesu ke beile
Ho hlomoha ha ka,
Ho belaela hohle
Le ho soaba ha ka;
O tseba ho li jara
Le ho li felisa;
O nkutloela bohloko,
O mpha le sebaka.

4. Nka tšoana joang le Jesu
Ka mosa, molemo,
Ka boikokobetso,
Lerato, bonolo?
Ke be ngoana ea kutlo,
Ea joale ka eena;
Nke ke be litulo
Ho Ntate le eena.

Leave a Reply

Ho Jesu ke beile