7.7.7.7.7.7
1. Sefapanong ke boha
Uena, 'Moloki oa ka;
Mali a tsoang maqebeng,
Le metsi lehlakoreng,
Ka 'ona ke re ntlhatsoe,
Ke be motle, ke loke.
2. Nka sebetsa joang le joang,
Ha ho letho le nthusang;
Kapa e leng likhapha,
Mahloko, mahlomola;
Be se ke ke sa tlosoa,
Ha e se k'uena fela.
3. Leha nka tlisa gauta
Tsa lefatše kaofela,
Ha li na ho talingoa,
Ha li na ho ntopolla.
Ke tla ke tšepa uena,
Ke se ke ka timela.
4. Ke se ke tla tsamaea
Eto la ho qetella;
Pel'a hao ha ke fihla,
U se ke ua nteleka!
Uena, lefika la ka,
Ke tšabetse ho uena.

(17 rating, 4 votes)