Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (54 rating, 14 votes)
Loading...

Jesu, rato la hao

1. Jesu, rato la hao – U mphile lona;
Ke molato oa hao, – Ke tla u fa'ng?
Ke inea uena, – ka 'mele le moea;
Ke ntša hanyenyane, U mpha tsohle.

2. Ntaele, Morena, – Ke mofo oa hao;
Thato ke tla etsa – Ea hao eohle.
Ha e ka nkimela, – Lumela, u ntlatse;
Le ho sitoa haka – U ntšwarele!

3. Ke be motšepuoa – Sechabeng sa hao,
Esita le mona – Fatšeng lena.
Nke ke u khahlise, – Ke iketse mora,
U tl'u khahloe ke 'na – Moren'a ka.

4. Sefapano saka – Ke tla se jara,
U le ka mora' ka, – U ntjarisa.
Ho timele bo'na, ho tsoaloe bouena,
Ho tl'o ahe ha ka – Uena fela.

Leave a Reply

Jesu, rato la hao