Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (4 rating, 1 votes)
Loading...

Hoja nka bapa le Jesu

1. Hoja nka bapa le Jesu, – Ka tšwana le eena,
Ka pelo k aba holimo, – Ke siile lefatše.

2. tšepo ea ka e ile kae – Ea mohl'a monene,
Ea mohla ke neng ke qale – Ho rata Morena?

3. Ke ne ke tseba phomolo, – le khotso le thabo;
Kajeno pelo e fela, – e ka nahathothe.

4. Ha ke u hlebile pelo, – ke u lelekile,
Boea, Jesu, boea ho 'na, – feta tšito tsa ka!

5. Ke ne ke nke molim'o mong: O alula teroneng,
Bitsong la hao, tulong tsa hao; – Ke hlajoa ke lihlong.

6. Fothola litšwantšo tsohle – Tsee ke li rapelang!
Ke ithute, ke rapele – Ka moea le 'nete.

7. Etsa, Morena, kapele, – U boee bululong;
Ke se phete le ka mohla – Ho u lahla joalo.

8. Pelo ea ka e be ea hao, – Eea hao u inotši;
E ngoloe setšwantšo sa hao, – se bono eke bohle.

Leave a Reply

Hoja nka bapa le Jesu