13.12.13.12.
1. Jesu, Moren'a ka, ke re, u nkatamele,
Ke ntse ke u llela, ke le mahlomoleng!
Tlo ka matšeliso, tlo, uena, ka sebele,
Oka pelo ea ka ee u e hlebileng!
2. Leha u nchapile, ua nkotla habohloko
Ke ntse ke u tseba hoba u mohau;
Thupaa kea ea ka, u ntaea ka lereko,
U tl'u mphe kabelo khalalelong ea hao,
3. Hlohonolofatsa haholo kotlo tsena,
Li sebetse tsohle tsee u li hopotseng;
Ho 'na e be peo e beang litholoana
Tsa pako, tsa khotso, tsa rato le letleseng.
4. Ha ke sa le mona, u ntiise hle, ke phethe
Mosebetsi oohle oo ke o abetsoeng;
Ke 'ne ke bontše ba lefifing, ke ba rute
Rato le leholo lee u ba ratileng.
5. Nke ke ka khathala, e se e tla ba nako;
Mong'a rona, u se u tla bonahala!
Ke'ng, leha lefatšeng nka jala ka meokho?
Thabong e sa feleng ke tla ea kotula.