Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Tsohang, baahi ba Lesotho

1. Tsohang, baahi ba Lesotho,
Ba tsoileng fifing la khale,
Ba pholositsweng ka mohlolo
O re makaditseng bohle!
Lemohang rato la Molomo,
O re ntshitseng har'a dintwa
Le botsabehong ba madimo,
Difaqane, bokaota!

Moya, moya wa ;nete,
Moya wa bophelo,
Re nchafatswe bohle,
Re hole ka tumelo!

2. Modimo, re phela ka khotso,
Re bile re tswela pele
Ho se kotsi kapa khathatso,
Re rute ho se lebale!
Hobane ruri ke makalo,
Ntswe la hao ha le tla fihla
Le re tlisetsa khatholoho
Kao a ba bang mokhathala!
Moya, moya wa 'nete, …

3. Re tla sebeletsa Modimo
Har'a leru la dipaki;
Re bonela mane hodimo
Ba nchafaditsweng ka madi,
Dinatla tsohle tha tumelo
Ba-evangedi, pheellang!
Ke mang ho rona ya ka khutlang,
Ha re beetswe tse kalo?
Moya, moya wa 'nete, …

4. Modimo, totisa tumelo,
Re be le moya wa 'nete;
Re lokeloe ke khauhelo
E newang ka Jesu Kreste;
Re be dipaki tse tsepehang
Fatsheng lena la Lesotho
Ho se kamoo ho ka senyehang
Tlotlo le neiloeng batho.
Moya, moya wa 'nete, …

Leave a Reply

T

Tsohang, baahi ba Lesotho