Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (7 rating, 2 votes)
Loading...

Jesu Mon'a ka

1. Jesu, Mong'a ka, o filoe borena
Lehodimong le lefatsheng,
Kahohle-hohle le ka ho sa feleng.
Ho ya 'ne ho buse wena.

Lebitso la Jesu
Le bokoe, le roriswe hohle;
Bitso lena la Jesu le ratehang,
Ho rona le letle, le letle

2. Lebitso la hao le tla tuma hohle
Dipheletsong tsa lefatshe;
Ho tla 'ne ho haswe lona le 'notshe,
Lebitso la hao le letsle
Lebitso la Jesu, …

3. Merabe-rabe le tsohle diboko,
Ba mefuta ba hloyaneng,
Ba ya kopana ka lentswe le le leng,
Ho o fapha ka dithoko.
Lebitso la Jesu, …

4. Ha ba o roka, ba neeletsana,
Lehodimo ha le khutse;
Le tshwara dithoko tsa ba lefatshe,
Ho o tumisa, Morena.
Lebitso la Jesu, …

5. Lebitso la hao a le ke le hole,
Molaodi wa marena!
U filoe 'muso, le hlompho le khanya,
Bohle ba o a nanela.
Lebitso la Jesu, …

Leave a Reply

J

Jesu Mon'a ka