1. Morena, ho etsahale
Ho ratwang ke wena fela;
Ha o rena, ho lokile;
Laela, ke tla mamela!
2. U robe ho rata ha ka,
Ho dikela, ho be sieo;
Ha o mpeile mohlanka,
Ntlame ka ho rata ha hao!
3. Ke sefofu, ke sethotho,
Mothonyana ya fokolang;
Ha ken a ho bua letho,
Ke wena ya ka ntaelang.
4. Tse molemo, tse ntoketseng,
Ho 'na di ntse di ipata;
Empa nka belaela ke'ng?
Wena, Ntate, wa di tseba.
5. Ntataise, supa tsela.
'Na che , ha ke san a taba;
Nka fela ka o latela,
Ha o ntumella, Morena