1. E, o motle, wa rateha,
Khale ke o tswetse pelo;
U khabane, wa tlotleha; (bis)
ke ya o rata, wena Jesu. (bis)
2. Ke wena, Emmanuele,
Modimo, o nkile botho;
Matla, hloeko le bohlale (bis)
Di khanya ho wena Jesu. (bis)
3. o apere bonyenyane,
U tle o fihlele batho;
U bile lekhabunyane (bis)
Har'a bona, wena Jesu. (bis)
4. BoModimo ba sebele
Bo kwahelwang ke bohloko
Bo ntse bo thopohela ntle, (bis)
Bo o bentsha, wena Jesu. (bis)
5. Le 'na nka o atamela
Ke sa fahloe ke boholo;
U Modimo, ke ya o tshepa, (bis)
ke ya o rata, o wa heso. (bis)