1. Ho rata ha hao, Morena,
Ke bofihla bo bokaakang!
Leha ke tswatswa ke batla,
Ho 'na ho ipatile jwang?
2. Oho, o tla ntshupisa neng
Tsela o ntaetseng eona?
Ke thinya-thinya lefifing,
Ke timeletswe ke wena.
3. Ke sa ntse ke thea tsebe,
Ho mamela ha o bua;
ke ya hwa, ha o nkarabe;
Ke etse jwang, Moren'a ka?
4. Oho, ntaele, Monghadi,
Ke tle ke tsebe tswanelo;
Bua, hlahisa lesedi:
Ke lebeletse taelo.