Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (15 rating, 5 votes)
Loading...

Modimo o mosa

1. Modimo, o mosa, – re ya o leboha
Ha o re file sebaka – Sa ho hlaha mona.
Tlotliswa, Morena
T, le B. Bitso la hao le tlotliswe,
U hodiswe hohle, T. le B. hohle.
U tsejoe ke batho bohle, bat la kena mona.

2. Mosebetsi ona – O moholo-holo
Wa ho emisa ntlo ena, – jwale o phethiloe.
Tlotliswa, …

3. U re file matla, – Ra ntsha ntho tsa rona;
Wena, hlohonolofatsa – Mofufuts'wa rona.
Tlotliswa, …

4. Tempele ke ena, – E khethetswe wena;
Kena ho eona, Morena, – o dule ho eona.
Tlotliswa, …

5. E hahetswe wena, – o e halaletse.
E ke e hloke ditshila, – Ke ya hao, e rue!
Tlotliswa, …

Leave a Reply

M

Modimo o mosa