Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (7 rating, 2 votes)
Loading...

Utlwa, morutuwa

1. Utlwa, moratwa wa Morena,
O bua le wena:
O kae eo ke tla mo roma?
E-re: o rome 'na
Ke lena lefatshe lohle,
Le ahlamile;
U ka ya kae le kae,
Ho nts'o tletse baetsadibe.
U ba utlwele bohloko,
Ke ba seng ba ya timela
U e'o ba bolella Jesu
Ya pholosang batho;
Ba fele ba bolokehe
Ka ho sa feleng!

2. U boletse he, o mohlanka,
Wa o roma jwale;
Kereke ya hae ya o roma,
Hammoho le eena.
Ke lena, …

3. Tsamaya, ngosa la Morena,
eya moo a o romang;
U se hlole o reteleha,
Hloka se o sitang.
Ke lena, …

4. Fatshe la heno o le tele,
Le baa o ba ratang;
Moo o yang, o tla b'u fihlele
Bana beno ba bang.
Ke lena, …

5. Tsatsi la hae mohla le fihlang
Jesu a o boke:
U tlisitse ba bang leseding,
U bile khabane.
Ke lena, …

Leave a Reply

Utlwa, morutuwa