8.6.8.6.D.
1. Tlong, baahi ba Lesotho
Tlong ntlong ya thapelo
Ho tla rorisa lebitso
La Mong'a melemo,
Mong'a dipula le maru,
Letsatsi le meea,
Ya ikhathatsang ka batho
Ho ba fepa dijo!
O loketswe ke teboho
Modimo ona wa rona;
O hl'o bokoe, o roriswe,
'Mabaldi wa rona!
Amen! Amen!
2. Efela re sebeditse
Masimong a rona;
Re lemile, re khobotse,
Ra bar a hlahola.
Empa re ke ke ra bala
Mofufuts'wa rona.
Ho sebeditse Morena,
Ra kenella fela.
O loketse ke teboho, …
3. Jwale disiu di tletse,
Re na le nala hae,
Re tla ja le ho apara,
Re rue ntho tsohle.
'Me le 'ona mofutsana
Re a ele hloko,
Hoba, ha re a baballa,
Re thusa Modimo.
O loketse ke teboho, …
4. Re mpa re kopa, Morena,
Re re, o re rute
Hore re se bee pelo
Ruong la lefatshe.
Dintho tsohle dia feta
Tsa lefatshe lena;
Re rue, e sa le jwale,
Tse se nang ho fela!
O loketse ke teboho, …