Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Le chabile, le chabile

1. Le chabile, le chabile
Letsatsi le letle;
Ke letsatsi la phomolo,
La khotso, le monate hakaakang,
Tsatsi lena le ratehang!
Thabang bohle; le chabile
Letsatsi le letse.
Le chabile, le chabile
Letsatsi le letle;
Ke letsatsi la phomolo,
La khotso, la thabo.

2. Le chabile, le chabile
Letsatsi le letle:
Le hlakole mofufutso,
Le dule ka khotso.
Le lebale tsa lefatshe,
Pelaelo, ditsietsi.
Le ikhutseng, le thabele
Letsatsi le letle.
Le chabile, le chabile, …

3. Le chabile, le chabile
Letsatsi le letle:
Itokiseng ka monyaka
Ho ya ho Morena;
Ho mo fapha ka dithoko,
Ntat'a lona ya lerato.
Le se tswafe, le chabile
Letsatsi le letle
Le chabile, le chabile, …

4. LE chabile, le chabile
Letsatsi le letle:
E, re tla dula kajeno
Maotong a Jesu
Ntate, buisa ngwan'a hao,
Ka tsa mosa, tsa mohau.
O, mong'a ka, se ntebale
Ka tsatsi le letle.
Le chabile, le chabile, …

5. Le leng le teng le kapele,
Letsatsi le letle,
La phomolo e sa feleng.
La khotso e tletseng.
Ho ya kang 'na, ya khathalang,
Na nyakallo e tla ba jwang,
Ha ke bona ho chabile
Letsatsi le letle!
Le chabile, le chabile, …

Leave a Reply

L

Le chabile, le chabile