Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ke wa'ng Basotho

1 Ke wa'ng, Basotho, Mokhosi
O llang lefatsheng la lona,
O reng: Sokolohang? {bis}
Ke mokhosi wa Modimo,
Morena ya matla 'ohle;
O tla a tshoere khalefo;
tshabang, le mo khumamele!

2 Utlwang, Basotho, mokhosi:
Ke wa ditshiu tse seng kae,
O re: Sokolohang! {bis}
tshabang, letsatsi le ya tla ;
La tseko le la kahlolo;
Bohle ba hanneng ho baka,
Ba tla hlokiswa bophelo.

3 Utlwang, Basotho, mokhosi:
O hlabelwang batho bohle,
Ya reng a hloke molato,
A balehele ho Jesu;
Ke tshabelo sa sebele,
Ka ntle ho eena ke lefu.

4 Bakreste, hlabang mokhosi
Ka bophara ba lefatshe,
Le re : Sokolohang! {bis}
E-bang sedi la lefatshe.
Ba bone Jesu ka lona;
Ho lelekiswe lefifi,
Hohle e be khanya fela!

Leave a Reply

K

Ke wa'ng Basotho