Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Helang, lona, ba tepeletseng

1 Helang, lona, ba tepeletseng,
Bohle ba pelo di khathetseng,
Ba tlamiloeng ke lefatshe,
Tlong metsing nna a hlaphollo,
A kwellang dibeng sa topollo,
Le tl'o khodiswa ka 'nete! {bis}

2 Ha esale le ntse le hlora
Lefatsheng, le se na ho khora
Ke thabo e sa iseng kae;
Khutlang, le siee tsa bohlola;
Modimo, o re, wa le thola;
Le tla hana ho le hokae?

3 'Moloki eo re mo baletsweng,
Na a ka phoma ba memetsweng
Moketeng wa lehodimo?
Ha a tshwane le rona batho,
Dithoto tse sa tsebeng letho
Le fodisang, le molemo.{bis}

4 O, holane le ya mo tseba,
Hola la bona h'a le sheba
Ka mahlo a qenehelo,
Pelo di ne di tla hahoha,
Tlama tsa lona tsa khaoha,
La bowelana le Jesu. {bis}

Leave a Reply

H

Helang, lona, ba tepeletseng