Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (14 rating, 4 votes)
Loading...

Jerusalema e mocha

1. Jerusalema e mocha,
Motse o moholo
O theohang ho Modimo,
O motle, wa khanya.
Sedi la hao ke le fahlang
Jwale ka lehakoe,
Lehakoe le bonaletsang
Ho feta daemane.

2. Motse ona ha o batle
Hore o boneswe;
O boneswa ke Modimo
Ka khanya ya Jesu.
Letsatsi ha le sa chaba,
E fetile khoedi;
Molala le dinaledi
Ha di sa phatsima.

3. Chaba tsohle tsa lefifi
Di tla tla kaofela,
Di tla phallela lesedi,
Le 'ona marena.
Motse, nyene, le bosiu,
O nts'o bulehile;
Ha ho sa le motsheare,
Bosiu ha bo eo.

4. Teng ho tla tliswa hlonepho,
Khanya ya dichaba;
Tshila di ke ke tsa kena,
Le bona bokhopo.
Ka teng ho tla kena fela
Ba ngodiloeng bukeng;
Buka eo ke ya Konyana,
Konyana e hlotseng.

Leave a Reply

J

Jerusalema e mocha