Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (6 rating, 2 votes)
Loading...

Utlwang taba e molemo

1 Utlwang taba e molemo,
Taba ya sebele,
Ke tla reng?
Ho 'na fela ke thabo, nyakallo.
Ke tla re'ng?
Ke 'na ngwana wa modimo.

2 Ke le mojalefa le 'na,
Moratuwa wa ntate,
Ke tla re'ng…

3 Ke entswe ngwan'a morena,
Moena wa kreste.
Ke tlare'ng…

4 Mona leha ke se letho,
Ke fumanehile,
Ke tlare'ng…

5 Ke se ke ruile tshepo;
Ha ke belaele,
Ke tlare'ng…

6 Mahlomola le lesitsi
Ho 'na di bobebe,
Ke tlare'ng…

7 Ke mamella ditseitsi,
Ke taeo ya ntate,
Ke tlare'ng…

8 Moreneng wa lehodimo,
Che, hase bolateng,
Ke tlare'ng…

9 Ke 'na ngwana wa modimo,
Monamane wat eng
Ke tlare'ng…

Leave a Reply

Utlwang taba e molemo