Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Phumola dikhororo

7.6.7.6.D.

1 Phumola dikhororo,
U k'u ntshe letshoya;
U lelale ka tshepo,
Ngwana wa morena.
Tsatsi leha le chesa,
U le matswabadi,
Bona he, ho phomola
Ho s'o le haufi.

2 o iqethe dikhapha,
Moratuwa wa Jesu;
U se ke wa tepella,
Wa ntshofala pelo.
Leha o le hlorehong,
U tsohe molota,
Haufi, lehodimong,
U s'u ya phomola.

3 o hlakole lerole,
Ikhahle ka matla;
Tiisetsa hanyenyane,
Ntwa e se e ya fela.
Ha o le mehwabadi
Le maqeba-qeba,
Ho morena, haufi
U s'u ya phomola

4 Hloboha mokhathala,
Beeha ka thabo,
U se o ya phomola,
Ngwana wa hloreho.
Dikhororo, lerole,
Madi, le bohloko,
A di lebaloe tsohle
Sefubeng sa Jesu!

Leave a Reply

P

Phumola dikhororo