Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Utlwang sello sa dichaba

1 Utlwang sello sa dichaba,
Ke sello sa phohomela:
re ya timela! (bis)
Ke sa chaba tsa ba batsho,
Tse ngata-ngata, tse kholo,
Tse hole le tse haufi,
Le tse mose ho Zambesi.

2 Jo, ho ka bolela mang na
Tse re nyarosang tsa bona?
Bomadimabe! (bis)
Lefifing le letsho-letsho
Ba holehiloe ke lefu;
Ba tletse tshoho le nyooko,
Ba Iahlehetswe ke tshepo.

3 Na ha le hlomohe pelo,
La ba la utlwa boh oko.
La lla meokho? (bis)
Na hase ba habo lona,
Ba lefatshe la Afrika?
Na le bona ha se batho?
Na ha ba shwelwa ke Jesu?

4 Utlwang, le Moren'a lona,
O nts'a lla, O sa nts'a bitsa:
Ke tla roma mang? (bis)
Hleka O hlokile motho
Har'a bana ba Lesotho,
Ha le khutsitse kaofela,
Ho nts'o bitsa Mong'a lona?

5 Ana ho ya araba mang
Jwale, ka pelo e tukang:
Nthome, Morena! (bis)
Ke bothata o bo tshabang,
Lehae o le qenehetseng,
Ha o re: Ho ka ya ba bang,
'Na che, ha ke na taba teng?

6 O, se iketleng hakalo,
Le hlaphoheloe boroko;
Nako ya feta! (bis)
Se someng Moren'a lona
Ya pheellang ho le roma,
Tsohang, se keng la dieha!
Ba dichaba ba timela.

Leave a Reply

Utlwang sello sa dichaba