Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Na le re phomolo e teng

8.7.8.7.D.

1. Na le re, phomolo e teng
Ya bana ba Modimo?
Ke phomolo e sa feleng
Motseng wa lehodimo.
E teng, le mona lefatsheng,
Tlo e bone ho Jesu,
Phomolo e phethehileng,
Ho ikhutsa ha pelo.

2. Mokhathala, ho teneha,
Di se di nkene pelo;
Taba tsohle di bosula,
Tsohle di 'nkhela lefu.
Moratuwa ya khathetseng
U biletswa ke Jesu
Phomolong e phethejileng;
Tlo, o ikhutse pelo.

3. A, ruri lefatshe lena
La tshehlo le meutlwa,
Leruo lohle la lona
Ke bosawana fela.
Tlo, o, o tle ya ratehang,
Tlo phomolong ho Jesu,
Hloboha tse o imelang,
Tlo, o ikhutse pelo.

4. Jesu, setshabelo sa ka,
U tshepo ya ka eohle;
Jwale, ha ke san a taba,
Ke wa hao, ho fedile.
Ruri, le mona lefatsheng,
Ke fumane ho Jesu
Phomolo e phethehileng,
Ho ikhutsa ha pelo.

Leave a Reply

N

Na le re phomolo e teng