Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Wa hlaha, o Jesu

13.813.8.

1 wa hlaha, o Jesu, ntswe la hao le bolela
Lemo se setle sa khotso;
O buisa wena, mo utlwe, pelo ya ka!
O re, ke 'Moloki wa hao. {bis}

2 Ka lentswe o phekola mafu a bakudi,
Tlamo tsa bafo di khaotswe;
Mahlong a foufetseng o chabisa lesedi
Le tla edisa lefatshe. {bis}

3 Morena, a ke b'e mongo a bao o ba okang!
Ke motho, ke tletse dibe;
U tlela ba jwalo, e seng ba hlalefileng;
Tlo, Jesu, ke o batlile. (bis)

4 Iseraele, khale ha a tla bona thuso,
A tadima noha feelleng;
Pelo e rapelang ha e tadima Jesu,
Ke ho phela ho sa feleng. {bis}

5 o nthute, Morena, chadimo eo ya tshepo,
Ho dumele pelo ya ka;
Ke dumetse, empa ho fokotse tumelo;
Thusa ho tletleba ha ka!

Leave a Reply

Wa hlaha, o Jesu