1. Tau di ka lapa, tsa shwa ke tlala,
Ba tshepang Morena – Hase dikhutsana;
Bofumeng ba bona – wa ba tsebela.
2. Leha o tsietswe, o foufetse,
Ke eena ya rerang – Kamoo a ka tsebang,
Le kamoo a ratang: – wa o tsebela.
3. Leha o thethetswe, pelo e fela,
Ha o thuse letho – Ka dipelaelo.
Ya khethileng nako – wa o tsebela.
4. Leha a dieha, ha a lebale;
Hase ya koenehang, – Hase ya fokolang;
O, ke ya tshepehang; – wa o tsebela.
5. U tshepe Modimo, tshepa ka mehla;
Khutshisa letswalo, – Tsamaya ka tshepo,
U khabe ka thabo: – wa o tsebela.

(13 rating, 3 votes)