Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Matshwele a batho bale

1. Matshwele a batho bale
Ana a subuhlellana'ng?
Ka pheello e kaakale,
Na le re, a tsamaela'ng?
Utlwang ka moo a arabang:
Ke Jesu, ke Jesu ya fetang.

2. Jesu eo a tla bathing,
Dihlorehong le bohlokong;
Dikhwahlapa, le dihole,
Ba tliswa, ba thaba bohle,
Ha ba utlwa ba bolelang:
Ke Jesu, ke Jesu ya fetang.

3. fihlile, o hlahile
Eena, Jesu ka sebele;
Pel'a menyako ya rona
O teng, o rata ho kena.
Ka thabo, e-reng le ba bang:
Ke Jesu, ke Jesu ya fetang!

4. Helang, lona ba khathetseng,
Bonang tshwarelo e tletseng;
Le lona lohle, bakhelohi,
Bonang, ke eena 'Moloki.
Baetsadibe, nyakallang:
Ke Jesu, ke Jesu ya fetang.

5. Empa ha le ka mo hana,
Rato la hae la le nyonya,
Le eena o tla le ila,
A hane ha le rapela
Leha le lla, ho fetile:
Ruri, Jesu o s'a fetile.

Leave a Reply

M

Matshwele a batho bale