Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (27 rating, 8 votes)
Loading...

Sona, marung o s'a hlaha

1. Sona, marung o s'a hlaha,
Moahlodi wa batho!
Wa hlaha. Jo,gwatshabeha!
Ke tsatsi le bohloko.
Jo 'na, jo 'na,
Ke tsatsi le bohloko!

2. O hlahile ka borena,
Ka mara a maholo;
Jo, o fahla le ka khanya!
Ke tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

3. Le mo tsebeng ka maqeba,
Ke eena, eena Jesu,
O n'a bolaeloe lona.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,..

4. Ka lentswe le mo tsebile,
A le bitsa haholo.
Empa ke kahlolo jwale.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

5. tsebe tsa lona tsohle,
Diphiri, makunutu;
Bukeng tsa hae di ngodiloe.
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,…

6. Na o re'ng, moetsadibe,
U eme kae kajeno,
Baka se se se fedile:
Jo, tsatsi le bohloko!
Jo 'na, jo 'na,..

Leave a Reply

S

Sona, marung o s'a hlaha