Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (20 rating, 5 votes)
Loading...

Ha ke ne ke itsela ka dikhapha

1. Ha ke ne ke itshela ka dikhapha,
Ke phatloha ke letswalo,
Jesu a mpona, a ba a ntshibolla,
A mphedisa, a pha le khotso.
Ke khotso ya Jesu
E fetang le kutlo ya motho.

2. 'Me esale, le jwale 'a bojwale,
Ke tsamaya ka nyakallo;
Tsa lefatshe ha ke di belaelle,
Moe'a ka o khotswe ke khotso.
Ke khotso ya Jesu …

3. Leha ke tetema, ke rerekela,
Ke atetswe ke meleko,
Bohareng ba ka ke ntse ke itketla,
Ka mehla, ka mehla ke khotso.
Ke khotso ya Jesu …

4. Leha ke lla, ke ferekane pelo,
Ke thibane mehopolo,
Sera se nteka habohloko-hloko,
Moe'a ka o nts'o na le khotso.
Ke khotso ya Jesu …

5. Ke monyaka wa ka ditshiu tsohle.
Ke fatsheng la matshoenyeho,
Bofumeng, lefung, ha ke belaele,
Ke khotso e tletseng, ke khotso.
Ke khotso ya Jesu …

Leave a Reply

H

Ha ke ne ke itsela ka dikhapha