Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Seforo ke se fumane

1. Seforo ke se fumane,
Moo ke hlolang ke tshabela;
Ho 'na ke qhobosheane
E tshepahalang, e matla.
O khotso e kaakang,
E mpolokang pelo,
Khotso e fetisang,
Khotso ya Jesu!

2. Mohla ke bonelang hole
Moroeroe wa pelaelo,
Ke belehela kapele
Ho Morena ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …

3. Maqhubu a mahlomola
Ha a nkwela ka morwallo,
Moo ke tshabelang, ka phele,
Ke Moreneng ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …

4. Ha ke dikwa, ke patelwa
Ke makhotla a meleko,
ke ya thothomela, ke ya sutha;
Ke a qhala ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …

5. dififing, har'a madumela,
Marabeng a ditakatso,
Se mphonyosang, ke lla fela
Ho Morena ka thapelo.
O, Khotso e kaakang, …

6. Che, seforong se sekalo
Ha ho letho le ka ntshosang;
Jesu o lebela khoro,
Ke eena ya ntlhabanelang.
O, Khotso e kaakang, …

7. Seqhobong seo se 'makatsang,
Mekhosi ha e mphihlele;
Ke ho Jesu ya mpolokang;
Ke dutse ke iketlile.
O, Khotso e kaakang, …

Leave a Reply

S

Seforo ke se fumane