1. Pholosa, Ntate, pholosa,
Oto la ka le theletse,
Ke sitwa le ho ithusa;
Oho, oholosa, ke oetse!
2. Jo, jo, ke oetse bodibeng,
Ke phosumela, ka teba;
Ke se ke le ya timetseng;
U nkinole, ke ya fela!
3. Jo, sebe se ntse se hoba;
Na ke tla itshwarella ka'ng?
Ke idibana fela
Har'a koeetsa e ferellang.
4. Jo, motho ya madimabe,
Na ke ne ke ipona jwang
Ha ke ithetsa hakale,
Ke re ke 'na ya tshepehang!
5. Ke ne ke ipala matla,
Chiseho le phadimeho;
Athe ke bala lefela,
Le seriti sa tumelo.
6. Jwale, ke ho hlobohile
Ho itshepa hona ha ka;
Bo'na bo se bo ntahlile,
Ke sallwa ke wena fela.
7. Ka mehla, se mpholositseng,
Ke sehlare sa mohau;
Boya, Jesu ya nthatileng,
U mpholose le kajeno.