1 Rona re retang Jesu,
Re ahisaneng ka khotso;
Rona re ratang Jesu,
Re rataneng, ba heso.
2 Ke eena Mong'a rona, ya re ruileng kaofela;
Ke eena Mong'a rona,
Ya re entseng baena.
3 Ke hloho ya phutheho,
Rona re ditho tsa eona;
Ke hloho ya phutheho,
E re entseng hammoho.
4 Ke sefate sa veine
See rona re leng makala;
Ke sefate sa veine,
Ka eena re kopane.
5 A re mo khomareleng,
Re tle re khomarelane;
A re mo khomareleng,
Re phethehele bonngoeng.