Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (33 rating, 11 votes)
Loading...

Naha e teng e ratehahang

Naha e teng e ratehahang
E kenwang ka balopollwa
Ke rata ho ya kena teng
Ntjoetse, na ke tla dumellwa?

Menate eohle ya dibe
Ruri ha ke e lakatse
Ke lakatsa ho hong fela
Ho hong fela lehodimo!

Tswalo la ka le ntsabisa
Le re, be tsa ka di ngata
Di ntso, di mpe, di ka sita
Madi a Jesu a matle
Menate eohle ya dibe …

Sera se ntse se ntsietsa
Hase le ho mpelaetsa
Se re ha ke na ho kena
Ke ntsa ke swabisa Moya
Menate eohle ya dibe …

Ke mpa ke ntsa ke itiisa,
Ke tadima Jesu fela
Ha a re ho'na: o ntshepe
See nka se tshohang ke sefe?
Menate eohle ya dibe …

Moren'aka, ke a leboha
Ha o itse: Le tle ho'na
Lona bohle ba khathetseng
Ba imelwang! Ke ' na e mong
Menate eohle ya dibe …

Leave a Reply

N

Naha e teng e ratehahang