Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Rona re ratang Jesu

1 Rona re retang Jesu,
Re ahisaneng ka khotso;
Rona re ratang Jesu,
Re rataneng, ba heso.

2 Ke eena Mong'a rona,
Ea re ruileng kaofela;
Ke eena Mong'a rona,
Ea re entseng baena.

3 Ke hloho ea phutheho,
Rona re litho tsa eona;
Ke hloho ea phutheho,
E re entseng hammoho.

4 Ke sefate sa veine
See rona re leng makala;
Ke sefate sa veine,
Ka eena re kopane.

5 A re mo khomareleng,
Re tle re khomarelane;
A re mo khomareleng,
Re phethehele bonngoeng.

Leave a Reply

Rona re ratang Jesu