Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (1 rating, 1 votes)
Loading...

Naha e teng e ratehahang

Naha e teng e ratehahang
E kenoang ka balopolloa
Ke rata ho ea kena teng
Ntjoetse, na ke tla lumelloa?

Menate eohle ea libe
Ruri ha ke e lakatse
Ke lakatsa ho hong fela
Ho hong fela leholimo!

Tsoalo la ka le ntsabisa
Le re, be tsa ka li ngata
Li ntso, li mpe, li ka sita
Mali a Jesu a matle
Menate eohle ea libe …

Sera se ntse se ntsietsa
Hase le ho mpelaetsa
Se re ha ke na ho kena
Ke ntsa ke soabisa Moea
Menate eohle ea libe …

Ke mpa ke ntsa ke itiisa,
Ke tadima Jesu fela
Ha a re ho'na: u ntšepe
See nka se tšohang ke sefe?
Menate eohle ea libe …

Moren'aka, ke a leboha
Ha u itse: Le tle ho'na
Lona bohle ba khathetseng
Ba imeloang! Ke ' na e mong
Menate eohle ea libe …

Leave a Reply

Naha e teng e ratehahang