Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Phallang, le phallele

1 Phallang, le phallele
Baetsadibe;
Phallelang batho ba yang timelong;
Yang ho balahlehi,
Hlabang mokhosi,
Ba khanneleng ho Jesu, bophelong.
Phallang, ba phalleleng,
E-reng ho bohle
Jesu o mohau, o mohau

2 Llelang bafokodi
Le bakhelohi;
Le 'ne le ba hlomohele pelo.
Hlong le ba qophelle,
Le ba rapelle;
Le b allele maotong a Jesu.
Phallang, ba phalleleng…

3 Leha ba le hole,
Ba lahlehile,
Jesu eena o sa nts'a ba rata.
Etsang ka pheello
Le ka lerato;
Le re Jesu o ba lebeletse.
Phallang, ba phalleleng…

4 Tswalo ha le le teng,
Ba lla sephiring,
Se phakiseng la fellwa ke tshepo.
tshabang ho dieha;
Nako dia ya,
Ba ka tima moya wa modimo.
Phallang, ba phalleleng…

5 Leha ba khathetse
'Me ba fokotse,
Ba qekeng ka mosa, ka sebete.
Bana ba mahlaswa,
Ba shwang ke tlala,
Ba lateng, batle khoreng ha ntate,
Phallang, ba phalleleng…

6 Utlwang hle taelo;
Yang ka cheseho;
Se tepelleng, le tshepe morena.
Le ee ka thapelo
Le ka tumelo;
Le tla putswa ka bona le lona.
Phallang, ba phalleleng…

Leave a Reply

P

Phallang, le phallele