Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (1 rating, 1 votes)
Loading...

Modimo o re ratile

1 Modimo o re ratile,
Rona dikhwahlapa,
Dira tsa hae tsa sebele,
Mehlaka-follela.
Jo, le hlolla hakaakang,
Rato le lekalo!
Le sa khetseng mang kapa mang;
Rato la modimo!

2 Mohla o rerang topollo,
Menono kaofela
Ya mafatshe, ya mebuso,
E bile lefela.
Jo, le hlolla hakaakang…

3 Khanya, bongata, le hloeko
Tsa ba lehodimong
Ha di bape le topollo
Ya motho a le mong.
Jo, le hlolla hakaakang…

4 E,ke eena ka sebele
Mor'a hao a 'notshi
Ya tsoileng, eseng osele,
Ho shwela lefatshe.
Jo, le hlolla hakaakang…

5 Jo, khale le phethehile
Rato le mohlolo!
Madi a hae a lefile,
Re na le topollo.
Jo, le hlolla hakaakang…

6 Ana ke ka o rata jwang,
Ke o boke, ke re'ng,
O, mong'a ka ya ratehang,
Uen'a ntopolotseng?
Jo, le hlolla hakaakang…

7 Ke imelwa pelong ya ka,
Ke ldiswa ke thabo.
Ahe, ahe, ke ya boka,
Jesu ya lerato!
Jo, le hlolla hakaakang…

Leave a Reply

M

Modimo o re ratile