Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (2 rating, 1 votes)
Loading...

Oho, se fele pelo

1. Oho, se fele pelo,
Ngwana wa Morena,
Meleko e meholo,
Leha e o dika,
Tshepa, tshepa.
U tshepe 'Moloki;
Tshepa, tshepa.- Thuso e haufi!

2. Leha di o chehile,
Takatso tsa nama,
Menyaka ya lefatshe
E se e o hapa,
Tshepa, tshepa.
U na le Morena;
Tshepa, tshepa.
Khomarela eena!

3. Leha ntwa tse lerata
Di o kene pelo,
U tepeletse, o – eshwa,
Mahlo a le matsho,
Tshepa, tshepa.
Jesu o sa le teng;
Tshepa, tshepa.
U ya pholohileng.

4. Mohlomong le maswabi
A babisang pelo,
Ho wena ke lefifi,
Moriti wa lefu;
Tshepa, tshepa.
Jesu ke motshedisi;
Tshepa, tshepa.
Ke eena lesedi

5. Tshepa, tshepa ka mehla
Le ka pelo eohle;
U tshepe Jesu fela,
U tla 'ne o phele.
Tshepa, tshepa.
Ho pheleng le ho shoeng,
Tshepa, tshepa.
Jesu, ho sa feleng!

Leave a Reply

O

Oho, se fele pelo