Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (4 rating, 1 votes)
Loading...

O tla busa, o tla busa

1. O tla busa, o tla busa,
Jesu, Mora wa Modimo;
O se a tla itlhahisa.
Senatla sa lehodimo.
O tla busa, ha ho e mong,
Borena bo filoe eena
Lefaatsheng le lehodimong;
Jesu ke eena Morena!

2. O tla busa, o tla busa,
Dipheletsong tsa lefatshe;
Mahwatata le mawatle
A tseba eena 'notshi.
Marena, dichaba tsohle
A tla nyehela ho eena.
A tle a mo khumamele,
A re: ke eena Morena!

3. O tla busa, o tla busa,
Le mereneng e meholo;
Ba tla fapha, ba tumise
Lebitso la Jesu fela.
Le mosalla ya 'maananeng
tla tseba bitso lena,
A wele ka mangole le teng,
A boke Jesu, Morena

4. O tla busa, o tla busa,
Hohle, bana ka maqhequ
Le masea a tlotlise
Bitso le letle la Jesu.
Dira di nyeke lerole;
Ha di ananela eena;
Maotong a hae, fatsheng lohle
Di re: Ke eena Morena!

5. O tla busa, o tla busa,
Ha letsatsi le sa le teng,
Le khoedi e ntse e thwasa,
A buse ka ho sa feleng.
Thabang, bana ba topollo,
Hlomohang, rokang Morena,
Le tlatseneng ka nyakallo:
Jesu ke eena Morena!

Leave a Reply

O

O tla busa, o tla busa