Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

O Modimo, re hloreha hakaakang

1 O Modimo, re hloreha hakaakang,
Fatsheng lena ke la mahlomola,
Ke bodiba ba dilo tse babang,
Ka matsatsi pelo dia babasela.
'Me jwale, qetellong ya motshoenyeho,
Ke lefu, moren'a matshabeho

2 Ha o bona re tsherehane pelo,
Re tsukutlwa ke ditsokotsane,
Tlo, Jesu, re utlwele bohloko!
Re tshedise, Morena ya khabane,
U laele, difefo di tla fela;
Har'a dillo, khotso e tla hlaha.

3 Leha maru, mehodi ya meokho
E thibane, 'me e re fifatsa,
Chabisa mechaedi ya khotso
Dipelong tse ntsho; dia o lakatsa;
Le poboding hlahisa tsa nyakallo,
Le tetemong, matla a tumelo!

4 A o bokoe, Modimo, Ntat'a rona;
U mohau, o re hauhetse.
U re bone har'a bodiba boo,
U phaletse, 'me o re tshedisitse.
Re molwa ke pallo tsa lerato,
Re hlapiswa hlekeng sa tumelo.

Leave a Reply

O

O Modimo, re hloreha hakaakang