Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Naha tsohle, bokang Morena Jehova

12.12.13.13.

1. Naha tsohle, bokang Morena Jehova,
Ke eena Molimo; binang alleluia!
O bopile batho, o hlolile lefatše,
Maru, linaledi, le khoeli, le letsatsi.

2. Bokang, bokang Jesu, ke eena Morena;
O re lopolotse; binang alleluia!
Bao a ba shoetseng bam o nke, ba pholohe;
A tume lichabeng, bohle bam o lebohe.

3. Bokang, bokang Moea o motle, o mosa,
Moea o Mokhethoa; binang alleluia!
Re o tšepisitsoe e le Mohalaletsei,
O nchafatsa pelo, o re ratisa 'nete.

4. Baena, tumisang bitso la Jehova!
Chaba tsa lefatše, binang alleluia!
Khumamelang Ntate, Mora le oona Moea
Molimo o le mong o rorisoe ka mehla!

Leave a Reply

Naha tsohle, bokang Morena Jehova