Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Ntat'a ron'a maholimong

1. Ke sikiloe ke Jesu,
Ke lutse ho eena,
Fubeng sa hae kajeno
Kea khatholoha.
Ke apere lerato
Ka matsatsi 'ohle;
Che, ha ke tšohe letho,
Ke bolokehile.
Ke sikiloe ke Jesu,
Ke lutse ho eena,
Fubeng sa hae kajeno
Kea khatholoha.

2. Ke bone setšabelo
Pelong ea Morena;
Teng tšabo, pelaelo
Ha li ha nkama.
Masoabi le meleko,
Ho teneha pelo
Li felile, ke thabo
Sefubeng sa Jesu.
Ke sikiloe ke Jesu, …

3. Lefikeng la ka mehla
Le 'na ke theile;
Leha meea e puka,
Ha ke sisinyehe.
Na nka sisinyeha joang
Ha ke le ho Jesu?
Li tla feta tse ntšoenyang,
Esita le lefu.
Ke sikiloe ke Jesu, …

3. Ua rateha, MOrena,
Ke u tsetse pelo;
Tšepo ea ka ke uena,
Uena fela, Jesu.
'Me ho se ho se hokae,
Ha siu bo e-sa,
Ke tla orohela hae,
Moo u tla nkhatholla.
Ke sikiloe ke Jesu, …

Leave a Reply

Ntat'a ron'a maholimong