Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Mpheng mapheo a tumelo

1. Mpheng mapheo a tumelo,
Ke tlohe, ke fofe;
Ke fihlele lehodimo,
Tsa teng ke di bone!
Lefatshe lena ha le na molemo,
Ha le nkhahle ka letho;
Empa lehodimong,
Heso, Moreneng,
Teng ke boiketlong,
Teng ke monyakeng;
E, ke bophelong,
Bophelong bo sa feleng.

2. Na ke tla tlosa neng lera
Le mphifatsang mahlo?
Ke neng ke tla bohisisa
Motse wa Modimo?
Jerusalema, motse o khahlehang,
U rateha hakaakang!
Motse o khabane,
Motse wa khotso!
Dumela, Sione!
Jo, hlolohelo
E nqeta pelo,
Mots'omotle wa Jesu!

3. Barutuwa ba bangata
Ba orohetse teng.
Ba kopane le bakhethwa
Ba bolokehileng.
Ba re rakile, ba kene phomolong,
Ba kene boiketlong.
Ba re lebeletse,
Ba re emetse,
Ba ntse ba re bitsa.
Ha re hopola
Bona ba heso,
Re hlolwa ke dipelo.

4. Eo ke mo hlolohetsweng
Ka ho fetisisa,
Ke Morena ya nthatileng,
Ke 'Moloki wa ka;
Mohla ke hlahang, ke 'mona ka mahlo,
Jo, e tla ba jwang thabo!
Ke ope diatla,
'Me ke mo re qa;
A ke ke a nkhaka,
Ke tla mo tseba
Har'a ba khanyang,
Jesu, 'Moloki wa ka.

Leave a Reply

M

Mpheng mapheo a tumelo