Naa ke bo mang mose ledibohong
Ba hlohlorang role la lebitla?
Ba lesedi, ba kganya
Ba meqhaka dihlohong
chorus:
Bohang seema, ha ba hlaha ka kgoro
Jerusalema e mocha
Pina tsa bona tse tsoiswang ke nyakallo
Ke madi a konyana
Ke ba tswileng tshileng tsa manyala
Ho boleng ha lebitla la sebe
Jwale ha ba hlwekile
Ke madi a konyana
Chorus
Ke ba tswang mokgathaleng wa dintwa
Bodibeng ba di dillo le di hloreho
Jwale ha ba hlwekile
Ke madi a konyana
Chorus
Ke moo ba emeng ka dipalema
Ba apereng bosweo, lesedi
'Me ha ba hloka kodi
Ke madi a konyana
Ke sehou sa mefutafuta
Ba tswa dipheletsong tsa lefatshe
Bohle ba lopolotswe
Ke madi a konyana
Chorus
O, Monghadi, o ntumelle le'na
Ke phakise, ke habe, ke fihle
Nhlatswisise ke hlweke
Ke se ke ka roneha
E, ke tla ba teng ho ba kenang ka kgoro
Jerusalema e mocha
Ha ke bina teng le bona ka nyakallo
Ke madi a konyana.