8.8.7.7.
1 Modimo, ha o ipata,
Ana nka re, o sa nthata?
Taba ena ke teko
Modimo o lereko
2 Leha o sa nkakofele
Ke tla ne ke o rapele;
Efela o tla nthusa,
Hoba o tletse mosa
3 o na le pelo, o Ntate,
U ntse o mpha tse monate;
Ke leqeba, wa nkoka;
Ke tennwe, wa nkothatsa
4 Leha Satan'a puruma,
Leha maru a ka duma
Le batho ha ba ntshwenya
Ha ho ntho e tla ntshenya.
5 Ke tshabetse ho Morena,
A nthola, k aba ho eena;
Ho pheleng wa mpoloka,
Ho falleng o tla nkuka.
6 Ba lefatshe ba ka ilela
Lefumo le tlang ho fela;
Ke khomaretse Jesu,
Ke letlotlo la heso
7 Jesu, ha ken a le wena,
Ke mononi, ke morena;
Ke tetse tsohle tse ding,
Ho rua tse sa feleng.