Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (6 rating, 2 votes)
Loading...

Dumelang banyadi

1 dumelang, banyadi,
Ba tlang ka tumelo
Ho kopanngwa ke monghadi
Ngalong ya thapelo!
Bobedi bo be bong
Pelo di kenane;
Nyalo le thewe ka melao,
Tlamanang, le ane!

2 Le fane lerato
Le sa kokobeleng;
Le thusane ka lereko;
Phomotsanang tseleng!
Wena, monna, hloho,
Disa ka bonolo,
U baballe ka hlonepho
Molekane wa hao.

3 Mosadi, o khabe
Ka mosa le kutlo,
Monna wa hao a 'n'a thabe,
U mo fe dipuo!
Le tshepe hlahlobo
Ya 'Mopi wa lona;
O bea dijo le kobo
ntlong e se nang mona.

4 Isanang bophelong
Ka tsosano e ntle,
Le ahisane tumelong
Le loke kahohle.
Morena wa khotso,
U ba sireletse,
U ba tiise ka khothatso,
Ba o sebeletse.

5 Ba bone ho wena
Kholo e monate,
Ba nt'o dumellwa ho kena
Meahong ya Ntate!
Dumelang, banyadi,
E-eang ka tumelo;
Le kopantswe ke Monghadi,
Kantlong ya thapelo

Leave a Reply

L

Dumelang banyadi