11.10.10.D.
1. dumela he, nako e se e tlile,
U lelale ka pelo hodimo!
Moya wa hao o ya ho Modimo!
Moya wa hao o ya ho Modimo;
Sione o s'a bonahala khanyeng.
Moren'a o o emetse teng;
U lemele, tsela e lokile.
2. Ho fedile bohloko le meleko,
Ha ho letho le sa o tlamileng;
Moya wa hao o rurela botleng,
Ho Morena, bophelong, le monateng.
Thaba hle, o fallela ho Ntate;
U ya rua lefa la poloko.
3. Ngwan'eso, o ithoballe ka khotso;
U khaole tlao tsa lefatshe;
Hole le sebe le ditsietsi,
Ho dikete tsa ba bolokehileng,
Ya bona Modimo ka leseding;
Ya boha motse wa dimakatso!
4. ya thabela lehlakana la khanya,
Le menono e se nang ho fela;
U dumele ke rona kaofela;
U se tshohe, ke Jesu ya o bitsang.
U tshediswe noka e tshabehang,
A o kenye lefatsheng la pallo.
5. Fatsheng lena la rona re tla falla;
Re tla siea ditlamo tsa rona;
Ho se ho kae re tla o latela;
Re tla dula, re nyakalle hammoho,
Re tumise rato la Modimo
Ka bophelong bo se nang ho fela.