Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Lumela he nako e se e tlile

11.10.10.D.

1. Lumela he, nako e se e tlile,
U lelale ka pelo holimo!
Moea oa hao o ea ho Molimo!
Moea oa hao o ea ho Molimo;
Sione o s'a bonahala khanyeng.
Moren'a o u emetse teng;
U lemele, tsela e lokile.

2. Ho felile bohloko le meleko,
Ha ho letho le sa u tlamileng;
Moea oa hao o rurela botleng,
Ho Morena, bophelong, le monateng.
Thaba hle, u fallela ho Ntate;
U ea rua lefa la poloko.

3. Ngoan'eso, u ithoballe ka khotso;
U khaole tlao tsa lefatše;
Hole le sebe le litsietsi,
Ho likete tsa ba bolokehileng,
Ea bona Molimo ka leseling;
Ea boha motse oa limakatso!

4. Ea thabela lehlakana la khanya,
Le menono e se nang ho fela;
U lumele ke rona kaofela;
U se tšohe, ke Jesu ea u bitsang.
U tšelisoe noka e tšabehang,
A u kenye lefatšeng la pallo.

5. Fatšeng lena la rona re tla falla;
Re tla siea litlamo tsa rona;
Ho se ho kae re tla u latela;
Re tla lula, re nyakalle hammoho,
Re tumise rato la Molimo
Ka bophelong bo se nang ho fela.

Leave a Reply

Lumela he nako e se e tlile