Menu Close
1 Star2 Stars3 Stars4 Stars5 Stars (No Ratings Yet)
Loading...

Itlakoleng lillo

13.12.13.12.13.12.

1 Itlhakoleng lillo, ha ba shoa, ba faletse
Baa le ba ratileng e n'e le basele
Le baeti mona, moo ba neng ba sepetse;
Ba batla Molimo, 'me o ba latile;
Ba kene ba timetse; che ba re rakile. Bis

2 Ba ne ba imeloa hakaakang fatšeng lena
Ke libe tsa bona tse neng li atile.
Ba batla phomolo, joale ba e bone.
Mabitleng a bona ba tšohela Morena.
Se reng ba timetse; che, ba re rakile. Bis

3 Ho hotle ho bafu ba fumaneng bophelo;
Ba bona Molimo, bohle bathabile;
Ba ntse ba tlatsana lifelong tsa lerato,
Etsoe tlase ba ne ba se ba qalile.
Re bineng le bona ho leboha Molimo!
Se reng ba timetse; che, ba re rakile. Bis

Leave a Reply

Itlakoleng lillo